Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 27:17 - BIBELE

17 Tshepe e leotswa ka tshepe e nngwe, monna o tentshwa tshea ke banna ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Tshepe e leotsa tshepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motswalle wa hae jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 27:17
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho mo thodisa ho tshwana le ho thiba moya, kapa ho kgakeletsa ole ka seatla.


Ya hlokomelang fate sa feiye, o tla ja tholwana tsa sona; ya baballang monga hae hantle, o tla tlotlwa ke yena.


Ditlolo le menkwane di thabisa pelo ya motho, keletso e ntle ya motswalle le yona e thabisa jwalo.


Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo.


Yare eo ha a utlwa, a ema kapele, a tla ho yena.


Ra etsa jwalo hore ho se be le ya mong wa lona ya ka sisinngwang ke matshwenyeho ana, hobane le a tseba hore matshwenyeho ana ke kabelo ya rona.


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Ka hona se be dihlong ho paka Morena wa rona, kapa nna ke leng motshwaruwa ka baka la hae. Empa o mamelle le nna mahloko a bakwang ke molaetsa o molemo, ka matla a Modimo,


O mamelle mahloko le nna jwaloka mohlabani wa sebele wa Kreste Jesu.


A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle.


Bana beso, ikukeng le le ba lehlohonolo, ha le feta hara diteko tsa mefutafuta,


Mang le mang ya tla fetohela melao ya hao, ya sa tlo mamela dipolelo tsa hao tsohle, tseo o ka re laelang tsona, o tla bolawa. Empa wena, tsoha molota, o be sebete.”


Ba re ho Joshua: “Ruri Morena o re neile naha eo yohle; ho feta mona, baahi bohle ba yona ba tshositswe haholo ke ho utlwa hore re a tla.”


yaba Jonathane, mora wa Saule, a o tsamaya, o ya ho Davida Horeshe, mme a mo kgothaletsa hore a tshepe Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ