27 Ya tjhekang lemena o tla wela ho lona, ya thetang lejwe le tla mo wela hodimo.
27 Ya tjhekang lemena o tla wela teng, mme lejwe le tla boela hodima ya le thetang.
Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.
Empa eitse ha Esetere a fihla kapele ho kgosi, yaba kgosi e laela ka mangolo hore morero wa Hamane o kgopo, oo a o reretseng Bajuda, o boyane le yena, le hore yena le bara ba hae ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.
Ya kgopo o a ikgantsha, o befetse ya hlophehileng; a ke a tshwaswe ke mano ao a a lohileng.
Modimo, bontsha hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle.
e le hore ke tle ke bolele dithoko tsa hao, ke di bolele kgorong ya motse wa Sione, mme ke nyakalle hobane o mpholositse.
Ya kgelosang ba lokileng hore ba ye tseleng tse kgopo, o tla wela lemeneng le tjhekilweng ke yena; ba se nang molato ba tla ja lefa la tse molemo.
Motho ya kgopo o tshwaswa ke makgopo a hae, dikgwele tsa dibe tsa hae di mo kgatele ruri.
Ya tjhekang lemena a ka nna wela ho lona, ya heletsang lerako a ka nna longwa ke noha.
Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.
Jerusalema e kgothometsehile, Juda yona e se e putlame fatshe; Polelo le ketso tsa tsona di fetohetse Morena, di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae.