20 Ha patsi e fedile, mollo o a tima, ha ho se mosebi, qabang di a fela.
20 Mollo o tima ke ho hlokeha ha patsi; ho jwalo dikomang, di fela ha mosebi a le siyo.
Motho ya kgopo o duka kgotso, mosebi yena o qabanya metswalle, metswalle ya hlooho ya kgomo.
Leleka mosomi mme qabang di tla fela, diphapang le mahlapa le tsona di kgaotse.
Taba tsa bofuufu di monate haholo, di ka dijo tse theohelang hamonate maleng.
“ ‘O se ke wa tsamaisa leshano hara setjhaba sa heno; o se ke wa tshabella mohaeno ha a bolawa. Ke nna Morena.
Le leleme le jwalo. Le hoja e le setho se senyenyane, empa le ka ithorisa ka tse kgolo. Bonang kamoo tlhase ya mollo e hotetsang moru o moholo kateng!
Leleme le lona ke mollo. Hara ditho tsa rona, le ka lefatshe la bokgopo, hoo le silafatsang botho bohle ba rona, le hotetse bophelo bohle ba rona; le hoteditswe ka mollo wa dihele.