Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 26:2 - BIBELE

2 Jwaloka serobele se phuphuselang, kapa lefokotsane le okaokelang, motho ha a silafatswe ke thohako ya lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jwaloka nonyana ha e fofafofela mona le mane, le lefokotsane ha le okaokela feela, ho jwalo thohako ya lefeela, ha e sebetse letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 26:2
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.”


Morena o o ahlolela madi wohle ao o a tsholotseng, a bana ba ntlo ya Saule, eo o ikgapetseng mmuso wa hae; jwale Morena o neile mora wa hao, Abosalome, mmuso ona, mme wena o kgatilwe ke bokgopo ba hao, hobane o mmolai!”


hobane ha ba a ka ba phallela Baiseraele ka dijo le ka metsi, empa ba ile ba hira Bileame hore a ba rohake. Leha ho le jwalo, Modimo wa rona a fetola thohako eo hore e be lehlohonolo.


Bona ba a rohakana, empa wena o a hlohonolofatsa; ba ntsohelang matla ba ke ba hlajwe ke dihlong, mohlanka wa hao yena a ke a thabe.


Monna ya furallang lapa la hae, o tshwana le nonyana e furallang sehlaha sa yona.


Baradi ba Moabe ha ba le madibohong a Arenone, ba ka nonyana tse phuphuselang, di lelekilwe sehlaheng sa tsona. Ba re:


Nka rohaka e mong jwang, ya sa rohakwang ke Modimo? Nka halefela jwang, eo Modimo a sa mo halefelang?


Mofilesita a re ho Davida: “Na nna ke ntja, ha o ntlela ka molangwana tjee?” Mofilesita a rohaka Davida ka modimo wa hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ