Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 26:12 - BIBELE

12 Motho ya ithetsang ka ho re o bohlale, o ka tshepa sethoto ho ena le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ana o bone motho ya iponang bohlale? Lehlanya le tshepisa ho fetisa eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 26:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsela ya sethoto e bonahala e lokile ho sona, empa ya bohlale o amohela keletso.


Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.


Sekgoba se ithetsa ka ho re se bohlale, ho feta banna ba supileng ba nang le kelello.


Araba sethoto ho ya ka bothoto ba sona, esere sa ipona se le bohlale.


Morui o ithetsa ka ho re o bohlale, mofutsana ya sedi o lemoha boithetso boo ba hae.


Motho ya sethoto ke ya itshepang boyena, ya sebetsang ka bohlale o tla fumana pholoho.


Motho eo ereng ha a bua a phasolohe, o ka tshepa sethoto ho ena le yena.


O se ipone o le bohlale, tshaba Morena, o sesefe bobe.


Ho madimabe ba reng ba bohlale, bona ba iponang ba le masene.


“Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?” Ba re: “Ke wa pele.” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona.


Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Yaba o retelehela ho mosadi, o re ho Simone: “Mosadi eo o a mmona? Ke kene ka tlung ha hao, ha o a mpha metsi a ho hlatswa maoto, empa mosadi enwa o ile a tshela maoto a ka ka dikgapa, a a hlakola ka moriri wa hae.


Jesu a re ho bona: “Ha le ne le foufetse, le ka be le se na sebe, empa jwale le re: ‘Re a bona;’ ka hona sebe sa lona ha se hlakolwe.”


Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.


“O re: ‘Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho;’ empa ha o tsebe hore o soto, o madimabe, o futsanehile, o foufetse, mme o feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ