Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 25:12 - BIBELE

12 Ho kgalengwa ke motho ya bohlale, tsebeng e lethwethwe ke lesale, ke mokgabo wa kgauta e hlwekisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 25:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Lona, baradi ba Iseraele, llelang Saule! O le apesitse masela a mafubedu, a le apesa le mekgabiso, a homa aparo tsa lona ka mabenyane a kgauta.


Kgauta kapa mahakwe a ke ke a lekana le bona, kapa ba ananngwa ka mekgabiso ya kgauta.


Jwale bana babo kaofela, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle ba neng ba tsebana le yena pele ho mona ba tla ho yena. Ba fihla ba eja dijo le yena, ba le ka tlung ya hae, ba mo tshedisa malebana le bobe bohle boo Morena a ileng a mo tlisetsa bona. Motho ka mong wa bona a mo nea tjhelete ya kesita, le reng ya kgauta.


Ho molemo ha ke otlwa ke ya lokileng, ke kgalemelwa ke yena; hoo ke ole eo hlooho ya ka e ke keng ya e hana, ke tla nne ke rapele leha ba kgopo ba ntshwenya.


Yaba Arone o re ho sona: “Rodisang basadi ba lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le a tlise ho nna.”


Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta.


Sethoto se nyedisa thuto ya ntata sona, athe ya ratang kgalemo yena o a hlalefa.


Tsebe e mamelang le leihlo le bonang, bobedi ba tsona di entswe ke Morena.


Se kgaleme mosomi, esere a o hloya, kgalema ya bohlale, yena o tla o rata.


Ho molemo ho mamela kgalemo ya mohlalefi, ho ena le ho mamela pina ya dithoto.


Ka o rwesa lesale nkong, ditsebeng ka o rwesa masale a mmofa, ka ba ka o rwesa le mofapahlooho o motle.


Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ