Ho lehlohonolo monna ya tlatsitseng kgohlopo ya hae, a e tlatsa ka yona. A ke ke a hlajwa ke dihlong, ha a ngangisana le dira tsa hae, a ngangisana le tsona kgorong ya motse.
Ba beang motho molato ka polelo tsa bona, ba tswakeletsang ya emelang toka ka lekgotleng, ka paki ya bohata ba sitise ya lokileng, ba mo sitise ho ahlolwa ka toka.
hobane sethoto se bua bothoto, le ho nahana se nahana tse kgopo: Se etsa tse kgopo, se bua tsa bohata ka Modimo; ba lapileng ha se ke se ba fepa, ba nyorilweng se ba tima metsi.
Ke tseba palo ya ditlolo tsa lona, le boholo ba dibe tsa lona ke a bo tseba: Le tuba ya lokileng, le tjotjo le e amohele, ha le ahlolele mofutsana ka toka makgotleng.
Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.