Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 24:4 - BIBELE

4 tsebo e tlatse dikamore ka mekgabo ya matlotlo a bohlokwa, matlotlo a kgahlehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 mme ke ka tsebo dikamore tsa yona di tlalang menono ya bohlokwa, e kgahlehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 24:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ba Iseraele, le bana ba Levi, ba tla tlisa nyehelo ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, ka dikamoreng tseo ho bolokelwang thepa ya Sehalalelo ka ho tsona, e leng moo baprista ba sebeletsang teng, le balebedi ba menyako, le dibini, ba dulang teng. “Ha e le rona, re ke ke ra furalla Tempele ya Modimo wa rona.”


Hara mafika a phunyake mesele, mahlo a hae a bone tsa bohlokwa di le mefuta.


Ka tlung ya ya lokileng leruo le teng, empa ya kgopo leruo le mmakela ditsietsi.


Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.


Lapeng la ya bohlale ho tletse menono, le maruo, athe sethoto sona se hafaka se sa qenehele.


Ya bohlale o matla ho feta senatla, ya nang le tsebo o feta sekwankwetla.


Ho nna maruo le tlotla di teng, maruo a sa feleng le hona ho loka.


Ba nthatang ke ba abela lefa, matlole a bona ke a tlatse, a be mohlohlo.


A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ