32 Ka bona, ka ba ka imamela, ka tadima, ka ithuta sena:
32 Haele nna, ka tadima, ka elellwa; la lemoha, ka inkela thuto teng:
“Motho e ne leng, ha o mo nketse hodimo hakaale, o bile o mo hlokometse hakaale?
Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena.
ka bona di rarieletswe ke meutlwa, bobatsi le bona bo entse mofero, marako le wona a se a helehile.
Ha o ka re shwa! wa boela wa re shwa! wa phuthaphutha matsoho, wa iphomolela,
ha e le Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di lohotha pelong ya hae.
A theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a nna a ikokobetsa tlasa bona. Mmae a boloka ditaba tseo tsohle ka pelong ya hae.
Jwale tsena di ile tsa etsahala ho bona, hore e be mohlala, mme tsa ngollwa rona ho re hlokomedisa, rona bao mehla ya bofelo e re fihletseng.
Tsena di etsahetse hore e be mohlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse kgopo, jwalokaha ba ne ba di lakatsa.
Setjhaba sohle sa Iseraele se tla utlwa hona, se tshabe, mme se se ke sa hlola se etsa bokgopo bo tshwanang le bona hara lona.
Banna bohle ba motse ba tla mo tlepetsa ka majwe, a be a shwe. Kahoo o tla tlosa bokgopo ho wena, mme Baiseraele bohle ba tla utlwa, mme ba tshabe.”
Ha se ne se le bohlale, se utlwisisa, se ne se tla lemoha pheletso ya sona.