Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 24:31 - BIBELE

31 ka bona di rarieletswe ke meutlwa, bobatsi le bona bo entse mofero, marako le wona a se a helehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 mme bonang, ho bo ho medile bobatsi feela, dibajwa di kwahetse hohle; lerako la majwe le ne le helehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 24:31
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba bokolla ba le kahara dihlahla, ba sunyame mmoho katlasa bobatsi.


bakeng sa koro ho ke ho mele meutlwa, bakeng sa harese ho ke ho mele lehola!” Polelo tsa Jobo di fella mona.


Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.


Ho tshaba Morena ho a phedisa, ya nang le tshabo eo o tla phela ka boiketlo, bobe bo ke ke ba mo wela hodimo.


Sekgoba ha se ke se lema ka nako ya teng, ha ho kotulwa se a kopa, ha se fumane letho.


Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!” kapa se re: “Ke tla bolaelwa diterateng!”


hoba matahwa le menyollo e a futsaneha ho tsherehana ho e apesa marantha.


Ka bona, ka ba ka imamela, ka tadima, ka ithuta sena:


Bokgoba bo etsa hore maballo a ntlo a kobehe, ha matsoho a sa tshware, ntlo eo e ye e nele.


Ke tla le bolella seo ke tla se etsa, ke se etse tshimong ya ka ya morara: Motero wa yona ke tla o tlosa e fetohe lekgulo, mabota a yona ke a heletse, a hatakelwe ka maoto.


Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”


Ho banna ba Juda le ba Jerusalema, Morena o re: “Ikgatheleng dithite tsa lona, le se ke la jala hara meutlwa;


Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.


E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya e bipetsa.


Empa e medisang meutlwa le tshehlo ha e na thuso, e se e atametse thohako, mme e tla qetella e tjhesitswe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ