30 Ke ile ka feta pela tshimo ya sekgoba, ka ba ka feta rapeng sa morara sa ya sethoto,
30 Ke ne ke feta pela tshimo ya sekgoba, le pela morara wa ya leahlama;
“Thea tsebe, o mamele, ke o manollele, ke o bolelle tseo ke di boneng ka mahlo a ka;
Kamoo nna ke seng ke bone kateng, ba lemang bobe, ba be ba jale bokgopo, ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona.
“Tsena di fupuditswe, ho fela ho dutse jwalo; di utlwe, o di tsebe, o di fole molemo.”
Ba pelo di ntle ba bona hoo, mme ba thaba, empa ba kgopo bona ba thijwa melomo.
Nkile ka ba motjha, kajeno ke tsofetse, empa ha ke eso bone ya lokileng a lahlilwe, le ditloholo tsa hae di kopa bohobe.
Bohlale bo fumanwa dipolelong tsa ya nang le kutlwisiso, empa thupa e kgalema ya se nang kutlwisiso.
Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo, ya pheellang mafeela yena o hloka kelello.
Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.
Motho ya febang o hloka kelello, ya etsang jwalo o timetsa bophelo ba hae;
Bokgoba bo etsa hore maballo a ntlo a kobehe, ha matsoho a sa tshware, ntlo eo e ye e nele.
Bophelong bona ba ka ba lefeela ke bone dintho tsena: Motho o a shwa leha a ntsa lokile, motho o a tsofala leha a ntsa le kgopo.