Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 24:15 - BIBELE

15 Se lalle ntlo ya motho ya lokileng jwalokaha senokwane se etsa; lapa la hae o se ke wa le senyetsa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Moetsadibe, o se ke wa tjhekela ntlo ya ya lokileng mamena, o se ke wa senya moo a phomolang teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 24:15
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, ako nnamolele, o nnamolele diatleng tsa ba babe, o ntshireletse ho batho ba sehloho, ba rerang hore ke kgothometsehe.


Ya kgopo o laletse ya lokileng, o batla ho mmolaya.


Ba sotha dipuo tsa ka kamehla, merero yohle ya bona e ntswalla bobe.


Ako nnamolele ho ba etsang tse kgopo, o mpholose ho ba ratang ho tsholla madi.


Ha ba re: “Tloo le rona, re yo lalla motho re mmolaye, re tsholle madi a ba se nang molato;


O se ke wa tlosa mekolokotwane ya kgale, e hlonngweng ke baholoholo ba hao.


Tjhaba sa ka se tla phela naheng e nang le kgotso, se dule malapeng a sireletsehileng, bakeng tsa phomolo tse hlokang matshwenyeho.


Empa ke ne ke tshwana le konyana e iswang moo e tla hlabelwa teng. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re: “A re timetseng sefate le tholwana tsa sona; a re mo tloseng lefatsheng, fatsheng la ba phelang, hore bitso la hae le se hlole le sa hopolwa.”


mme ba rera ho tshwara Jesu ka mano le ho mmolaya.


Empa motjhana wa Paulosi ha a utlwa tsa ho lallwa hoo, a ya, a kena qhobosheaneng, mme a tsebisa Paulosi.


ba mo kopa hore a ba tswele molemo wa hore Paulosi a romelwe Jerusalema, kaha ba ne ba rerile ho mo lalla tseleng, ba mmolaye.


empa morero oo wa bona a o tseba. Bosiu le motsheare ba lebela dikgoro tsa motse, hore ba tle ba mmolaye,


Ha ba ntse ba nyoloha moepeng, ba eya ka motseng, ba fumana basetsana ba eya sedibeng, mme ba re ho bona: “Na senohe sa moo se teng?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ