1 O se ke wa kgahlwa, wa kgahlwa ke ba kgopo, o se lakatse ho etsa setswalle le bona,
1 O se ke wa honohela ba bolotsana, o se ke wa lakatsa ho dula le bona;
Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng dikeletso tsa ba kgopo, ya sa tsamayeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;
O se ke wa ntimetsa mmoho le baetsadibe, wa fedisa bophelo ba ka mmoho le ba bona, bona ba ratang ho tsholla madi,
Pesalema ya Davida. O se ke wa itlhonamisa ka ba etsang bokgopo, o se ke wa honohela ba etsang tse sa lokang.
Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo.
hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona katleho ya ba kgopo.
Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.
Pelo ya hao e se kgahlwe ke baetsadibe, empa kamehla o tjhesehele ho tshaba Morena.
O se ke wa itshwenya ka ba etsang bobe, kapa wa kgahlwa ke ba etsang bokgopo;
Se kgahlwe ke motho ya kgantshang bohanka, se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.
Se tsamaye tseleng tsa ba kgopo, se tsamaye tseleng ya baetsadibe.
E kgese, o be o e kwekwetle; e kgelohe, o ikele ka tsela ya hao.