Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 23:5 - BIBELE

5 Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 23:5
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.”


O robala a ruile e le kgetlo la ho qetela; ere ha a phaphama a tsohe a itlhophere.


Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela.


hobane leruo ha le hlole kamehla yohle, le mofapahlooho wa kgosi ha o fetele melokong yohle.


“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti; “lefeela la mafeela, tsohle ke lefeela!”


“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti, “tsohle ke lefeela!”


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


“Mo nkeng le mo hlokomele, le se ke la mo etsa hampe, le mpe le mo etsetse tsohle tseo a tla le kopa tsona.”


“Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafoome di senyang, moo mashodu a thuang, a utswe;


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ