Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 23:32 - BIBELE

32 E qetella ka ho loma jwaloka noha, mahloko a tjhatjhametse jwaloka a marabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ho felleng, e loma jwaloka noha, e hlaba jwaloka marabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 23:32
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla mokonyetsa bohloko ba bo-marabe, dikwetsepe tsa qowane tsona di mmolaye.


O tla hata tau le marabe, o hatakele tawana le noha.


Tsa akgela melamu ya tsona fatshe ka bomong, mme ya fetoha dinoha, empa molamu wa Arone wa metsa melamu ya dingaka.


Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale.


Qetello ya bophelo ba hao e tla ba mefehelo, ha mmele wa hao o motetse, o so le masatswane.


Ya tjhekang lemena a ka nna wela ho lona, ya heletsang lerako a ka nna longwa ke noha.


Lesea le tla ipapalla pela mokoti wa masumo, ngwana a kenye letsoho mokoting wa qowane.


Mofapahlooho wa botlotlehi wa matahwa a Efraime, o tla hatakelwa ka maoto.


Ba qhotsisa mahe a marabe, ba lohe dikgwele tse kang tsa bolepo ba sekgo; ya jang mahe a marabe o a shwa, ha le leng le pshatlwa, ho tswa marabe.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


“Ke tla romela dinoha hara lona, ke romele diqowane tseo le ke keng la di upa, mme di tla le loma,” ho rialo Morena.


Ho tla ba jwalokaha motho a baleha tau, ere a e baleha a kgahlane le bere; kapa jwalokaha a kena ka tlung, ere a phopholetsa leboteng a longwe ke noha.


Leha ba ka ipata tlhorong ya Karamele, ke tla ba tsoma, ke ba tshware hona moo. Leha ba ka ipatela nna ka mpeng ya lewatle, ke tla laela kganyapa e ba lomele hona moo.


Jwale ke dife tseo le ileng la di kotula nakong eo, ka ho etsa tseo, tse le hlabisang dihlong kajeno? Qetello ya tsona ke lefu.


Se tahweng ke jwala bo le isang boitahlong, le mpe le tlale Moya o Halalelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ