pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona.
Kgosi ya lalela hore ka letsatsi le leng le le leng ba fuwe dijo tse jewang ke yona, le veine e nowang ke yona. Ba ne ba lokela ho rutwa ka dilemo tse tharo, ba nto qala ho sebeletsa kgosi.
Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo.