25 Ntatao le mmao ba ke ba thabe, mmao ya o tswetseng a ke a nyakalle!
25 A a ke a thabe, ntatao, le yena mmao; a nyakalle, ya o belehileng.
Ana ke maele a Solomone: Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, ngwana ya sethoto ke masisapelo ho mmae.
Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa.
Mora ka, haeba o le bohlale, le nna ke tla thaba;
Mora ka, ako nnee pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe, a kgahlwe ke metsamao ya ka,
Mora ka, hlalefa, o thabise pelo ya ka, ke tle ke arabe motho ya nnyatsang.
Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.