2 haeba o itseba o le monyollo, ako itshware, o je jwaloka motho;
2 o ikgaole mmetso ka thipa, ha o hlotswe ke ho lapa.
Yaba o a tsamaya, wa di nka, o di tlisetsa mmae; mmae a pheha nama e hlabosang, ka mokgwa oo ntatae a o ratang.
Ha o dula tafoleng, o eja le mmusi, hopola hantle hore na o dutse le mang;
Se tsamaye le ba itlopang veine, kapa ba kgetshelakang dinama,
Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.
Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.