Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 23:17 - BIBELE

17 Pelo ya hao e se kgahlwe ke baetsadibe, empa kamehla o tjhesehele ho tshaba Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 23:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Qaleho ya bohlale ke ho tshaba Morena, bohle ba sedi ba phela jwalo. O lokelwa ke thoriso kamehla.


Sejosenyane se molemo ha o tshaba Morena, ho ena le maruo a o bakelang ditsietsi.


O se ke wa kgahlwa, wa kgahlwa ke ba kgopo, o se lakatse ho etsa setswalle le bona,


O se ke wa itshwenya ka ba etsang bobe, kapa wa kgahlwa ke ba etsang bokgopo;


Mora wa ka, tshaba Morena le kgosi, o se ke wa ikopanya le mahlabaphiyo,


Ho lehlohonolo motho ya tshabang Morena kamehla, empa ya ithatafatsang pelo o tla wela tsietsing.


Se kgahlwe ke motho ya kgantshang bohanka, se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.


Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?


Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo.


Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ