16 pelo ya ka e tla nyakalla ha o bua seo e leng nnete.
16 Mme ke tla nyakalla kahare ho nna, ha o bua ka ho loka ka melomo ya hao.
Pelo ya hao e se kgahlwe ke baetsadibe, empa kamehla o tjhesehele ho tshaba Morena.
Theang tsebe ke le bolelle tsa bohlokwa, ke le phatlalletse tse lokileng.
Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.
Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo.
Nthapelleng hore ke se senole, jwalokaha ke tlamehile ho bua.
Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.