Morena Modimo wa hao, o na le wena, ke senatlahadi se tla o lwanela. O tla o thabela ka nyakallo, a o rate ka lerato la sebele, a howeletse, a o hlabele medidietsane, a e hlabe sa mohla tsatsi la mokete.”
Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
Bana ba ka, ke le ngolla tsena hore le tle le se ke la etsa sebe. Empa haeba motho a ka etsa sebe, re na le mmuelli ya re buellang ho Ntate: ke Jesu Kreste, ya lokileng.