13 Se hlokise ngwana wa hao kgalemo, thupa ke mosesetso e ke ke ya mmolaya.
13 Se time ngwana kgalemelo; leha o mo shapa ka thupa, a ke ke a shwa:
Motho ya sa shapeng mora hae o mo hloile, athe ya ratang mora hae yena o a mo kgalema.
Laya ngwana wa hao o sa na le tshepo, o se thohothellwe ho mmolaya.
Bothoto bo tlameletswe ka pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ka ho yena.
Pelo ya hao e thahaselle ho ithuta, tsebe tsa hao di mamele puo tse nang le tsebo.
Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong.
Kgalema mora wa hao, o tla fumana phomolo, le moya wa hao o nyakalle.
Mamellang matshwenyeho e le kgalemelo ya Modimo ya le nkang le le bana ba hae. Ana ke mora ofe eo ntatae a sa mo kgalemeleng?