11 hoba Mosireletsi wa tsona o matla, ke yena ya tla emela nyewe ya tsona.
11 hobane mophetetsi wa tsona o matla, o tla di emela, a di lwanele.
“Ke a tseba: Mopholosi wa ka o a phela, qetellong o tla ema a mpakele.
e leng batho ba reng: “Re tla hlola ka maleme a rona; re tseba ho ipuella, ke mang ya ka re busang?”
Modimo ke ntata dikgutsana, ke mosireletsi wa bahlolohadi, o leahong la hae le halalelang.
hobane Morena o tla emela nyewe ya bona; ba ba jeleng le bona Morena o tla ba fedisa.
Pelo ya hao e thahaselle ho ithuta, tsebe tsa hao di mamele puo tse nang le tsebo.
Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Bona, ke tla o buella ke be ke o phetetse, mehlodi ya metsi a Babilona ke tla e pshesa, didiba tsa yona di kgaotse ho kopotsa.
“ ‘Ho rohakehe ya sokamisang kahlolo ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’