Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.
haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona;
“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.
“O se ke wa tlosa mokolokotwane wa moedi wa wa heno, o hlomilweng ke baholoholo naheng eo e leng lefa la hao, leo o tla le ja naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be ya hao.”
Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.