Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 22:9 - BIBELE

9 Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Motho ya fanang o tla hlohonolofatswa, kahobane o sitsa mofutsana ka bohobe ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 22:9
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O fana ka matsoho a mabedi, o fana ho mafutsana, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle, o tsoha molota, o a tlotleha.


Monna ya mohau o iketsetsa tse molemo, athe ya sehloho yena o a itshitelwa.


Ya fanang haholo o tla fumana katleho, ya fanang ka metsi le yena o tla a fuwa.


Ya pheellang tse molemo o tla hauhelwa, ya pheellang bobe bo tla mo wela hodimo.


Ya nyedisang ya ahisaneng le yena o etsa sebe, empa ho lehlohonolo ya hauhelang mofutsana.


Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.


Ya utswetsang ntatae kapa mmae, a ntsa ithetsa ka ho re: “Hona hase sebe,” ya jwalo yena ke motswalle wa disenyi hantle.


Ya fanang ho mafutsana ha ho seo a ka se hlokang; ya sa a natseng ka letho o tla rohakwa ke ba bangata.


Bafumanehi o ba fepa a sa kganane, bahloki le bona a ba atswe ka tsoho le batsi.


Empa ya kgabane o rera merero e kgabane, bokgabeneng ba hae a ke ke a sisinngwa.


Na ha ke na tokelo ya ho etsa seo ke se ratang ka seng sa ka? Kapa o mona ha ke fana?’


le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto.


Empa ha o etsa mokete, mema mafutsana, le dihole, le diritsa, le difofu,


Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: ‘Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!’ ”


Mosadi ya bonojwana, ya bokotswang haeno, ya neng a ke ke a leka le ho hata fatshe ka baka la bonolo ba hae, le ho bokotswa, o tla sheba monna wa hae, eo a mo ratang haholo, le mora wa hae, le moradi wa hae, ka leihlo le lebe.


Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


E mong le e mong a amohele baeti a sa kganane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ