Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 22:22 - BIBELE

22 O se tlatlape mofutsana hobane e le mofutsana, o se sotle bahloki ka kgotla,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 O se ke wa ja mofutsana ka hoba e le mofutsana, o se ke wa pitla mohlomohi kgotla;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 22:22
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Haeba nkile ka hanyetsa kopo ya mofutsana, eba mohlolohadi o lebeletse, mahlo a ba kgathala;


haeba nkile ka otla kgutsana ka tsoho la ka, hobane ke tseba hore ka kgotla nke ke ka tsuwa,


“O se ke wa sotha kahlolo nyeweng ya mofutsana wa heno.


Dikgoka tsa ba kgopo di tla ba timetsa, hoba ba hana ho etsa ho lokileng.


Ya tlatlapang mofutsana ho ikekeletsa leruo, a bile a etsetsa barui dimpho, o tla futsaneha.


hore ba amohe mafutsana tokelo tsa wona, ba hateletsweng ba ba hlokise toka, ba ikgapele ntho tsa bahlolohadi, ba tlatlape le tsona dikgutsana.


Baahi ba naha ena ba hatella batho, ba a utswa, ba sotla mofutsana le mohloki, ba hlokofatsa moditjhaba, ha ba ba sebeletse ka toka.


“ ‘O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa. “ ‘O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.


Le se ke la qhekanyetsana, le mpe le tshabe Modimo wa lona, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.


Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.’


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


O le tlohele le phele le wena ha hao, kapa le phele motseng ofe kapa ofe oo le ratang ho dula ho wona. O se ke wa le hatella.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ