Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 22:18 - BIBELE

18 hobane ho monate ha o di boloka ka pelong ya hao, kaofela ha tsona di dutse molomong wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ho hotle ha o di boloka pelong ya hao, di ntse di dutse hammoho molomong wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 22:18
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditshepiso tsa hao di latsweha hamonate hakaakang! Di feta mahe a dinotshi ka hanong la ka.


Ditemoso tsa hao ke lefa la ka la mehla yohle, ke thabo ya pelo ya ka.


Ka molomo wa ka ke bolela dikahlolo tsohle tse tswang molomong wa hao.


Ke thabela tshepiso ya hao, jwaloka ya fumaneng kgapo, kgapo e ngata.


Molomo wa ka o bolela dithoko tsa hao, hobane o nthuta thato ya hao.


Ho tshaba Morena ke ntho e molemo, e ke keng ya fetoha ho isa kgale; dikahlolo tsa Morena ke tsa nnete, kaofela ha tsona di lokile.


Bohlale bo fumanwa dipolelong tsa ya nang le kutlwisiso, empa thupa e kgalema ya se nang kutlwisiso.


Polelo tsa ba lokileng di ruta ba bangata, thoto tsona di shwa ke ho hloka kutlwisiso.


Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe.


Ya bohlale ho thwe o na le kutlwisiso, polelo tse monate tsona di a kgodisa,


hobane bohlale bo tla kena pelong ya hao, tsebo e be boithabiso, boithabiso ba pelo ya hao.


Kajeno ke hlile ke ruta wena, wena ka seqo, e le hore o tlo tsebe ho tshepa Morena.


Polelo e builweng ka nako ya yona e ka apole tsa kgauta ka sejaneng sa silefera.


Tsela tsa bona di a kgahleha, moo bo tsamayang teng ho rena kgotso.


Mora wa ka, mamela mantswe ana a ka, o sekehele polelo tsa ka tsebe.


Polelo tsa ka o se di lebale, o di boloke ka pelong ya hao;


Theang tsebe ke le bolelle tsa bohlokwa, ke le phatlalletse tse lokileng.


Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho!


“Dipolelo tsa moprista di tshwanela hore e be tse nang le tsebo, e le hore batho ba tle ba ithute ka tsona, hobane moprista ke leqosa la Morena wa mabotho.


Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.”


Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ