Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 21:24 - BIBELE

24 Moikgohomosi ya mabefi o bitswa “mosomi”, boikakaso ba hae ha bo na tekanyo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Mosomi ke lebitso la motho ya ikgohomosang, ya mabela, ya etsang tsohle a rwetse boikgomoso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 21:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng dikeletso tsa ba kgopo, ya sa tsamayeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;


“Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho se be le tsebo ho fihlela neng? Basomi ba thabele ho soma ho fihlela neng? Thoto di hloye tsebo ho fihlela neng?


Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikokobetso bona bo tla pele ho tlotla.


Basomi ba emetswe ke kahlolo, mekokotlo ya dithoto yona e emetswe ke phafa.


Merero ya bothoto ke sebe, mosomi o nyonywa ke batho bohle.


Morena o soma baikakasi, athe baikokobetsi o a ba hauhela.


Ke mahlo a ikgohomosang, leleme le tletseng thetso, matsoho a tshollang madi, madi a se nang molato;


Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha, ho ikgantsha ha hae ke ho tlolang moedi, o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale, empa boithoriso ba hae ke ba lefeela.


Ba sehloho ba tla timela, le basomi ba fele, ba tjhatjhehelang bobe le bona ba timetswe:


“Boikgantsho ba Moabe re bo utlwile, boikgantsho bo boholo le mabela a yona, boikgantsho ba yona le bona boikakaso, esita le mabifi a pelo ya yona.


“Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa.


Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ