23 Ya kwalang molomo, a tshwara leme la hae, o iphemisa hore a se kene ditsietsing.
23 Ya ipolokang molomo le leleme o tshabisa moya wa hae mahlomola.
Morena, ako bee molebedi, o mmee molomong wa ka, o dise monyako wa molomo wa ka;
Ya buang haholo sebe se teng polelong tsa hae, ya sa buabueng yena ke motho ya bohlale.
Motho ya kgopo puo tse mpe tsa hae di a mo kgata, empa ya lokileng yena o phema tsietsi.
Ya tshwarang leme la hae o baballa bophelo ba hae, ya phasolohang feela yena o tla timela,
Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae.
Leleme le ka phedisa, hape le ka bolaya, ba ratang ho hehla ba tla kotula tholwana tsa hona.
Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela.