Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 21:16 - BIBELE

16 Ya kgelohang tsela ya kutlwisiso pheletso ya hae ke ho phomola hara bafu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Motho ya kgelohang tsela ya hlalefo o tla fella sebokeng sa bafu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 21:16
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ba kgelohetseng ditseleng, ditseleng tse matswedintsweke, Morena a ke a ba leleke, a ba leleke le ba kgopo. Kgotso e ke e be teng Iseraele.


Ena ke yona tsela ya ba itshepileng, ke pheletso ya ba kgotsofetseng, ba kgotsofaletseng matlotlo a bona.


Motho ya lokileng o tla rua bophelo, ya pheeletseng bobe yena o tla timela.


Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.


Ya bolokang ditaelo o baballa bophelo ba hae, ya sa hlokomeleng metsamao ya hae o tla shwa.


ba lahlang tsela tse lokileng, ba tsamayang tseleng tse lefifi.


O tla bolawa ke ho hloka kgalemo, tsela a e kgeloswe ke bothotohadi ba hae.


Ya se nang tsebo ha a tsebe hore lefu le laletse moo, baeti ba mosadi eo ba feletse lebitleng.


“Empa ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, a etsa dintho tse manyala, tse etsweng ke motho ya kgopo, na motho eo o tla phela? Dintho tsohle tse lokileng tseo a di entseng ha di sa tla bolelwa. O tla shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a sitilweng ka tsona, le ka baka la dibe tsa hae, tseo a di entseng.


Batho bana ke ba furaletseng Morena, ba mo furalla, ba se ke ba mmatla, leha e le hona ho ipiletsa ho yena.


Le ne le shwele ka baka la ditshito le dibe tsa lona,


Ya lokileng o tla phela ka tumelo, empa ha a ka ikgula, ha a sa tla nkgahlisa.”


Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.


Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ