15 Ha ho sebetswa ka toka ba lokileng ba a thaba, athe ba kgopo bona ba tlalwa ke tshabo.
15 Ho etsa ho loka ke thabo ho ya lokileng, empa ho bakgopo ke polao.
Haleluja! Ho lehlohonolo ya tshabang Morena, ya thabelang melao ya hae haholo.
Ke thabela ho phetha thato ya hao, nke ke ka lebala lentswe la hao.
Hoja Molao wa hao e ne e se thabo ya ka, nka be ke timeditswe ke ho hlopheha ha ka.
Ke moo ke ileng ka re: “Bona, ke a tla. Ho ngotswe ka nna Bukeng ya Molao:
Tsela ya Morena ke tshabelo sa ba lokileng, empa ba kgopo bona e a ba timetsa.
Modimo ya lokileng o hlahloba lapa la ya kgopo, o timetsa ya kgopo ka baka la bokgopo ba hae.
Ya kgelohang tsela ya kutlwisiso pheletso ya hae ke ho phomola hara bafu.
Mora wa ka, ho ya kang ha sehlola se o hohela? O manamelang fubeng sa mosadi wa motho?
Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela.
O thusa ba etsang ho loka, ba ho etsang ba thabile, bona ba hopolang ditsela tsa hao. Leha o no halefile re nnile ra etsa dibe; ebe jwale re ka pholoswa jwang?
Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: ‘Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo!’ ”
Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.
Bothong ba ka ba moya ke thabela Molao wa Modimo,