Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 21:13 - BIBELE

13 Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 21:13
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le nna ka hlohlora maphutha a seaparo sa ka, ka re: “Ka mokgwa ona, Modimo a ke a hlohlore motho e mong le e mong ya sa phetheng tshepiso ena; a mo hlohlore, a mo ntshe ka tlung ya hae, a mo amohe maruo a hae; a hle a hlohlorwe ka tsela ena, a kgokgothwe!” Setjhaba sohle sa re: “A ho be jwalo!” Sa rorisa Morena. Batho bao ba etsa kamoo ba tshepisitseng kateng.


ke ne ke lopolla mafutsana a llelang thuso, ke lopolla le yona kgutsana e se nang mothusi.


O etsa hore dira tsa ka di ntshupe ka direthe, ba ntlhoileng ke a ba timetsa.


Ba kgopo ba senyehile ho tloha popelong, ba leshano ba kgelohile ho tloha tswalong ya bona.


ba tla ipiletsa ho nna ke se ke ka ba araba, ba mpatle ba se ke ba mphumana.


Ya fanang ho mafutsana ha ho seo a ka se hlokang; ya sa a natseng ka letho o tla rohakwa ke ba bangata.


“Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela;


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: ‘Monghadi, ako re bulele;’ o tla le araba, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae.’


Jwale ba howa ka mantswe a phahameng, ba ithiba ditsebe, ba mo rutlolohela hong.


Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ