10 Motho ya kgopo o labalabela bobe, ha a qenehele ya ahisaneng le yena.
10 Moya wa ya lonya o eletsa bobe, esita le wa habo ha a fumane mohau mahlong a hae.
Ho lehlohonolo motho ya mosa, motho ya adimanang, ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.
O fana ka matsoho a mabedi, o fana ho mafutsana, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle, o tsoha molota, o a tlotleha.
Mantswe a tswang molomong wa hae, ke mantswe a mabe, a thetsang; o tlohetse bohlale leha e le botle.
Ya kgopo o labalabela qhoqha ya mahahapa, empa ya lokileng yena o a atleha.
Ya nyedisang ya ahisaneng le yena o etsa sebe, empa ho lehlohonolo ya hauhelang mofutsana.
Bona ba thabela ho etsa bobe, ba thabela bokgopo ba ba kgopo,
Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.
Ho molemo ho iphelela sekgutlwaneng, kahodima marulelo a ntlo, ho ena le ho phela le mmadikomang, ho phela le yena ka tlung e le nngwe.
O se ke wa rerela wa heno bokgopo, empa yena a phela le wena a o tshepile.
Tsena di etsahetse hore e be mohlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse kgopo, jwalokaha ba ne ba di lakatsa.
Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.
hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.