Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 20:3 - BIBELE

3 Ke tlotla ho kgaohana le diqabang, sethoto sona ke maratahelele!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke thoriso ho motho ho intsha tsekong; empa lehlanya le phehella ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 20:3
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Diqabang tsa hlaha pakeng tsa badisana ba Aborame le ba Lota. Nakong eo Bakanana le Baperise ba ne ba ahile naheng eo.


Yaba Aborame o re ho Lota: “Ke a o rapela, qabang a e ke e be siyo pakeng tsa rona le wena, le pakeng tsa badisana ba ka le badisana ba hao, hobane re bana ba motho.


Empa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a araba Amasiya, kgosi ya Juda, a re: “Hlabahlabane ya Lebanone e kile ya romela molaetsa ho kedare ya Lebanone, ya re: ‘Nea mora wa ka moradi wa hao, a mo nyale!’ Yaba ho feta sebatana sa Lebanone, se fihla se hatakela hlabahlabane eo.


Motho ya halefang kapele o etsa bothoto, ya nang le mehopolo e mebe batho ba a mo hloya.


Ya diehang ho halefa o na le kutlwisiso, athe sefelapelwana se bontsha bothoto.


Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse.


Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela.


Leleme la sethoto le baka diqabang, polelo tsa sona di se memela ho shapuwa.


Bohlale ba motho bo tswala mamello, ho iphapanyetsa diphoso ke yona tlotla ya hae.


Moikgohomosi ya mabefi o bitswa “mosomi”, boikakaso ba hae ha bo na tekanyo.


Mofeta-ka-tsela ya kenang qabang tsa batho o ka motho ya sothang tsebe tsa ntja ya lelahleha.


Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.


Empa haeba ka dipelong tsa lona le na le lefufa le lebe le moya wa dikgang, le se ke la ithorisa, la senya nnete ka ho bua leshano.


Dintwa le diqabang tse hara lona di bakwa keng? Na ha di bakwe ke ditakatso tse mpe tse lwanang ka ho lona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ