Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 20:25 - BIBELE

25 Ho abela Morena mpho ka potlako ke leraba ho motho, ebe hamorao o ipelaetsa ka boitlamo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ke leraba ho motho ho kgethela Modimo ntho ka potlako, le ho belaela ha ho se ho annwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 20:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya arabang a sa imamela hantle ke sethoto, o hlabisa dihlong.


Sethoto se timetswa ke dipuo tsa sona, se tshwaswa ke leraba la polelo tsa sona.


Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae.


“Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato.


“Le utlwile hape hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: ‘O se ke wa ikana ka leshano, o mpe o phethe dikano tsa hao ho Morena.’


Empa haeba o sa etsa kano, ha e tlo ba o entse sebe.


Seo o se buileng ka molomo wa hao, o tla hlokomela hore o se etse. O se etse ho ya kamoo o ikanetseng Morena Modimo wa hao kateng; o fane ka nyehelo ha boithaopo jwalokaha o buile.


“Ha o kena tshimong ya morara ya wa heno, o ka ja morara wa yona kamoo o ratang kateng, wa kgora, empa o se ke wa o tshela ka serotong sa hao.


Ha bo-ntata bona, kapa dikgaitsedi tsa bona, ba ka tla ho le tsekisa, re tla re ho hona: ‘Ba tshwareleng, hobane e mong le e mong wa bona o ikgapetse mosadi jwalokaha banna ba ye ba etse ntweng. Haeba le ne le ba neile baradi ba lona, le ka be le le molato.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ