Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 20:15 - BIBELE

15 Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Kgauta e teng, le diperela tse ngata, empa ntho e theko e thata ke melomo e rutehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 20:15
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang!


Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe.


Ho fumana bohlale ho molemo ho feta kgauta, ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta silefera.


Ya bohlale ho thwe o na le kutlwisiso, polelo tse monate tsona di a kgodisa,


Polelo tse monate di ka mahe a dinotshi, moyeng di a hlabosa, di matlafatse mmele.


“Ha e a loka! Ha e a loka!” ho rialo moreki. Ha a furalla a tsamaye a ithorisa.


Ya itlamang ka molato wa e mong, o mo nkele kobo ya hae, o e bee paneng ha a itlamme ka molato wa motho eo.


Ho kgalengwa ke motho ya bohlale, tsebeng e lethwethwe ke lesale, ke mokgabo wa kgauta e hlwekisitsweng.


bo kgahleha ho feta le mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona;


o tle o be le tlhalohanyo, molomo wa hao o rue tsebo.


Inkeleng thuto ya ka ho ena le silefera, ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta.


“Bohlale bo molemo ho feta mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona.


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ