Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 20:13 - BIBELE

13 Se rate boroko, esere wa futsaneha; se robale, o tlo atelwe ke tjhai.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Se rate boroko, esere mohlomong wa fumaneha; phaphama, o tutubolohe, mme o tla kgora bohobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 20:13
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya phuthileng matsoho o tla futsaneha, athe matsoho a kgothetseng a ruisa monga wona.


Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo, ya pheellang mafeela yena o hloka kelello.


Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.


Botswa bo isa motho le sephume sa boroko, sekgoba sona se bolawa ke tlala.


“Ha e a loka! Ha e a loka!” ho rialo moreki. Ha a furalla a tsamaye a ithorisa.


Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo; ya pheellang mafeela o tla futsaneha haholo.


O tsoha bosiu e sa le ka matjeke, a fepe bohle ba lelapa la hae, makgabunyane a hae a a abele mosebetsi.


Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.”


Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.


Etsang jwalo, ka ho tseba hore nako e fihlile. E se e le nako ya hore le tsohe borokong, hobane kajeno ho pholoswa ho haufi le rona ho feta mohla re qalang ho dumela.


Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.


Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng: “Tsoha, wena morabadi, tsoha bafung, mme Kreste o tla o bonesetsa.”


Ha re ne re sa na le lona, re nnile ra le laela hore haeba e mong a sa rate ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ