Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 20:1 - BIBELE

1 Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 20:1
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a mo mema, a fihla a ja, a nwa, mme Davida a mo tahisa. Ka phirimana yona eo, Uriya a ithoballa le bahlanka ba monga hae, empa ha e le tlung ha hae, teng a se ke a ya.


Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: ‘Ho yena!’ le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”


Se tsamaye le ba itlopang veine, kapa ba kgetshelakang dinama,


“Ha ho lokele dikgosi, Lemuele, ho nwa veine ha ho di lokele, ho tjhatjhehela jwala ha ho lokele mahosana,


Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala.


Ho madimabe ba tsohellang jwaleng, ka madungwadungwana, ba inwellang ho fihlela bosiu, ba tahwe ke veine.


Ho madimabe ba reng ha ba hlolwe ke jwala, ba reng ba tseba haholo ho tswaka dino;


Motho ka mong o re: ‘Tloong kwano, ke tla lata veine! A re itlopeng jwala, re be re bo shebe feela! La hosasane le tla nne le ke la kajeno, mohlomong le tla ba letle ho feta lena!’ ”


ba ineeletse ho etsa bootswa.” “Veine e ntjha le veine ya molatsa e hlokisa tjhaba sa ka kelello.


Mohla mokete wa kgosi ya rona, ba tahisa mahosana, ba a nwesa veine, kgosi e etsise basomi ka ho nwa.


“Ha le kena ka Tenteng ya Morena, wena, le bara ba hao, le se ke la nwa veine kapa jwala, esere la shwa. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona.


“Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa.


le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.


mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.


Se tahweng ke jwala bo le isang boitahlong, le mpe le tlale Moya o Halalelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ