8 O baballa ba lokileng tseleng tsa bona, batshepuwa ba hae a ba sireletse.
8 O lebela mmila wa ho loka, o disa tsela ya bakgehtwa ba hae.
hobane Morena o tseba tsela ya ba lokileng, athe tsela ya ba kgopo e isa timelong.
Morena o baballa bohle ba mo ratang, empa bohle ba kgopo o a ba timetsa.
Ke mmusapelo: O ntsamaisa tseleng tsa ho loka, ka baka la lebitso la hae.
Morena o rata ho loka, mme a ke ke a furalla batshepuwa ba hae. Ba kgopo ba tla timella ruri, ditloholo tsa bona di tla fediswa.
Molao wa Modimo wa hae o ka pelong ya hae, maoto a hae ha a thelle.
Ke yena ya re fileng bophelo, ya sa kang a tlohela maoto a rona, a a tlohella ho thella.
Lona ba ratang Morena, hloyang bokgopo, o baballa bophelo ba batshepuwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba kgopo.
Ke tsamaya tseleng ya toka, tsela ya ka ke tsela ya molao.
Tseleng tau e ke ke ya eba teng, batana se bohale se ke ke sa e tsamaya, ha ho le se seng se tla bonwa ho yona, balopollwa ke bona feela ba tla e tsamaya.
E, ruri tjhaba sa hae o a se rata, bahalaledi ba hae bohle o a ba sireletsa. Ba dutse fatshe, maotong a hae, ba mametse mantswe a taelo tsa hae.
Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.
Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse,
O tataisa maoto a bahalaledi ba hae, athe ba kgopo ba tla timella lefifing, hobane motho ha a hlole ka matla a hae.