Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea!
“Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo.”
Hape mang le mang ya tlohetseng matlo, bana babo, dikgaitsedi, ntatae, mmae, bana, kapa masimo ka baka la lebitso la ka, o tla putswa halekgolo, mme a rue bophelo bo sa feleng.
“Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.