Yaba Saule o shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a ileng a sitelwa Morena ka tsona, e leng ho se boloke ditaelo tsa Morena, le ho batla dikeletso ho mathuela.
Morena a ke ke a mo tshwarela, empa kgalefo ya Morena le lefufa la hae di tla tlokomela monna eo. Dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena, di tla mo wela hodima. Morena o tla fedisa lebitso la hae lefatsheng.
Morena a halefa, a ba bohalehale, a ba phahla naheng ya bona, mme ka kgalefo e kgolo a ba lelekela naheng esele moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.’
Morena Modimo wa lona, o tla leleka ditjhaba tsena kahanyane, kapele ho lona. Le ke ke la di timetsa hanghang, esere dibatana tsa naha tsa tshoha di ngatafala ho le feta.