17 ya sa tshepahaleng ho monna wa hae, ya lebalang selekane sa Modimo wa hae.
17 ya furaletseng motswalle wa botjha ba hae, mme a lebetse selekane sa Modimo wa hae.
Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba tla fetoha ntho e le nngwe.
Bonna ba hao bo ke bo hlohonolofale, o ithabise ka mosadi wa hao wa matswathaka,
Ha ke re o qeta ho ipiletsa, o ipiletsa ho nna, o re: ‘Ntate, motswalle wa ka ho tloha botjheng ba ka,
“ ‘Hamorao ha ke feta pela hao hape, ke o tadima, ka bona hore o se o hodile hoo o lokelang ho ferehwa. Yaba ke o apesa seaparo sa ka ho pata bofeela ba hao. Ka o hlapanyetsa, ka etsa selekane le wena, mme wa ba wa ka, ho rialo Morena Modimo.