12 e o pholose tseleng tse kgopo, e o phemise ba buang tse mpe,
12 ho o phemisa tsela ya bobe, ho o kelosa ho bao ba buang tse kgopo,
Nke ke ka ba le bokgopo, ka le bona ka pelong ya ka, ha ke rate ho tseba letho le lebe.
pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona.
Ya lokileng o bua puo tse thabisang, athe ya kgopo o tseba ho sokamisa ditaba.
Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.
Mahlo a hao a tla bona pono disele, kelello ya hao e nahane dintho tse ferekanyang.
Motho ya sethoto ke ya itshepang boyena, ya sebetsang ka bohlale o tla fumana pholoho.
Morena o hloile ya sothang nnete, empa ya lokileng yena o a mo tshepa.
Motho e mobe, ya kgopo, o tsamaya a fefetha leshano;
Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile.
Furallang ba se nang tsebo le tle le phele, le tsamaye tseleng ya kutlwisiso.
Esita le ho lona ka sebele ho tla hlaha banna ba tla sotha nnete, ho kgelosa barutuwa hore ba ba sale morao.
Le se ke la ithetsa. “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.”
Ka baka leo, tswang hara bona, le ikarohanye le bona, le se ke la ama letho le silafetseng, mme ke tla le amohela.