Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 19:8 - BIBELE

8 Ya ipatlelang bohlale o rata bophelo ba hae, ya nang le kelello, katleho ke ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ya ithuetseng bohlale o rata moya wa hae, ya bolokang kelello o tla bona lehlohonolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 19:8
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Di kgahleha ho feta kgauta, ho feta le kgauta e hlwekisitsweng haholo; di monate ho feta mahe a dinotshi, mahe a rothang kgekgeng ya tsona.


Ya elang ditaelo hloko o a atleha, ya tshepang Morena o a hlohonolofala.


Thuso ke efe, ya ho nea sethoto tjhelete athe ha se na kutlwisiso ya ho reka bohlale?


Paki ya bohata e tla ahlolwa, ya buang leshano o tla timela.


hobane ho monate ha o di boloka ka pelong ya hao, kaofela ha tsona di dutse molomong wa hao.


Ho ba bo kgomarelang ke fate sa bophelo, ho lehlohonolo ba itshwarellang ka bona.


Mora wa ka, boloka bohlale le tlhalohanyo, di se tlohe mahlong a hao.


Tsena ho wena e tla ba bophelo, di qhake molala wa hao, di o kgabise.


Polelo tsa ka o se di lebale, o di boloke ka pelong ya hao;


ntate a na nthuta, a re: “Polelo tsa ka di se tlohe pelong ya hao, boloka taelo tsa ka o tle o phele.


se furalle bohlale, bo tla o sireletsa; bo rate, bo tle bo o lebele.


Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng.


Ya ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, mme ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.


Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.”


“Ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a thabo, a tshware leleme la hae ho bua tse mpe, le molomo wa hae ho bua thetso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ