Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 19:5 - BIBELE

5 Paki ya bohata e tla ahlolwa, ya buang leshano a ke ke a phonyoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Paki ya bohata e ke ke ya phema kotlo, mme motho ya mano a ke ke a phonyoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 19:5
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “Le nna ke moporofeta jwaloka wena. Ka taelo ya Morena, lengeloi le ile la re ho nna: ‘Kgutlela le yena tlung ya hao, a tle a fumane dijo, a nwe metsi.’ ” Empa moporofeta wa leqheku o ne a le leshano.


Empa o se ke wa ba wa mo tshwarela. Kaha o motho ya bohlale, o so tla bona hore na o mo etsa jwang, hore moriri wa hae o moputswa o theohele Nqalong ya Bafu o le madi.”


Ba a bokana, ba ipatele nna, ba lalle metsamao ya ka, ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.


“O se ke wa bolela taba tsa leshano. O se ke wa thusa motho ya kgopo, ka ho fana ka bopaki ba leshano.


Paki ya nnete e pholosa batho, athe ya bohata yona e bua leshano.


Paki e tshepahalang ha e ke e thetsa, empa ya bohata yona e bua leshano.


Paki ya bohata e tla ahlolwa, ya buang leshano o tla timela.


Paki ya leshano e tla timela, polelo tsa ya qalang ka ho mamela di a amoheleha.


paki ya bohata, e bolelang leshano, le ya jalang diqabang hara bana ba motho.


Kgosi ya laela hore ho tliswe banna ba ileng ba qosa Daniele, mme banna bao, le bana ba bona, le basadi ba bona ba akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau. Hang feela ba eso ka ba re qi! fatshe, kahara ditau, ditau tseo tsa ba qhautsa, tsa ba robokela kaofela ha bona.


“ ‘O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso lahae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ