Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.
Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome.
Empa eitse ha Esetere a fihla kapele ho kgosi, yaba kgosi e laela ka mangolo hore morero wa Hamane o kgopo, oo a o reretseng Bajuda, o boyane le yena, le hore yena le bara ba hae ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.
Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’
“Morena o re: ‘Seo e tla ba pontsho ho lona ke hore ke tla le otlela hona sebakeng sena, le tle le tsebe hore mantswe a ka a ho le dihela koduwa a a phethahala.’
“ ‘Le re: “Re rata ho ba jwaloka baditjhaba, re be jwaloka baahi ba dinaha tse ding ba kgumamelang lehong le lejwe.” Empa seo le se nahanang ha se ka ke sa etsahala.’ ”
Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’
Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.