Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 19:17 - BIBELE

17 Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ya hauhelang mofumanehi o adimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 19:17
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a be a lefe konyana eo ka tse nne, hobane a hlokile mohau, a entse ntho ena e mpe.”


Ho lehlohonolo ya hlokomelang mofutsana; Morena o tla mo lopolla, a mo lopolle mohla tsatsi la tlokotsi.


Ya fokolang le ya hlokang o tla ba utlwela bohloko, a pholose bophelo ba mafutsana.


Motho e mong o atlehiswa ke dipuo tsa hae, athe e mong o putswa ho ya ka mesebetsi ya hae.


Ya nyedisang ya ahisaneng le yena o etsa sebe, empa ho lehlohonolo ya hauhelang mofutsana.


Ya hatellang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae, empa ya mo hauhelang yena o tlotla Modimo.


Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana.


Ya fanang ho mafutsana ha ho seo a ka se hlokang; ya sa a natseng ka letho o tla rohakwa ke ba bangata.


Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.


Lahlela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamoso o tla bo fumana.


Bo abele ba supileng kapa ba robedi kaha tsietsi tsa lefatshe o ke ke be wa di tseba.


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.”


“Ha o hela koro ya hao tshimong ya hao, eba o lebala ngata hara tshimo, o se ke wa kgutlela hape ho ya e lata. E tla ba ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi, e le hore Morena Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mosebetsing wohle oo o o etsang.


Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ