Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 19:10 - BIBELE

10 Sethoto ha se lokele ho hafa ka nkatana, jwalokaha lekgoba le sa lokele ho busa mahosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Boiketlo ha bo lokele sethoto; ho tla ronana hakakang ha mofo a busa marena!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 19:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ke tlotsitswe hore ke be kgosi, kajeno ke a fokola. Banna bana, e leng bara ba Seruya, ba ntlhotse ka ho hloka mohau. Morena a ke a putse ya entseng bokgopo bona ho ya ka bokgopo boo ba hae.”


Maqosa a matha ka potlako, a susumetswa ke taelo ya kgosi, mme taelo eo ya phatlalatswa Shushane, motseng wa bokgosi. Jwale kgosi le Hamane ba dula, ba enwa, empa motse wa Shushane wona o ne o ferekane.


Sethoto ha se lokelwe ke puo tsa bokgeleke, puo ya leshano ha e lokele kgosana.


Jwaloka lehlwa le kgethehang hlabula, kapa pula e nang ka nako ya ha ho kotulwa, hlompho le yona ha e tshwanele sethoto.


Batho bohle ba tla hatellana, motho ka mong a hatelle e mong, ba ahisaneng le bona ba hatellane. Batjha ba tla tsohela baholo ba bona matla, ba eisehang ba tsohele batlotlehi matla.


Se ke wa nyakalla, wena Iseraele! Se ke wa thaba jwaloka ditjhaba tse ding! O entse bootswa ka ho furalla Modimo wa hao, o hloma eka moputso wa bootswa ba hao ke mabele a polwang, a polwang seotlong ka seng.


“Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya neng a apara diaparo tse perese, tse ntlehadi, a ithabisa ka ho etsa mekete ka tsatsi le leng le le leng.


Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae.


Lemohang bosoto ba lona, le hlomohe, le bokolle; letsheho la lona le fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.


Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ