Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 19:1 - BIBELE

1 Ho molemo ho ba mofutsana ya hlokang kodi, ho ena le ho ba sethoto se buang leshano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mofutsana ya tsamayang ka toka ya hae o fetisa ya kgopo mekgweng ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 19:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha e le nna, metsamao ya ka ha e na kodi; ako ntopolle, o nkgauhele.


Kamehla ya lokileng o mohau, o a adimana, mme ditloholo tsa hae ke tlhohonolofatso.


Ya lokileng ke mohlala ho ba ahisaneng le yena, ba kgopo ba tsamaya tseleng e kgelosang.


Motho ya lokileng o tshaba Morena, empa ya kgopo yena o nyedisa Morena.


Sejosenyane se molemo ha o tshaba Morena, ho ena le maruo a o bakelang ditsietsi.


Sejosenyane se molemo ha se fumanwe ka toka, ho ena le maruo a fumanwang ka bolotsana.


Meharo e hlabisa motho dihlong; ho molemo ho futsaneha ho ena le ho bua leshano.


Metsamao ya ya lokileng ha e na kodi, bana ba hae ba tla hlohonolofala.


Ho molemo ho ba mofutsana ya phelang ka botshepehi, ho ena le ho ba morui ya phelang ka bolotsana.


Se bue leshano ka molomo wa hao, puo tse thetsang di se tswe ka hanong la hao.


Matsoho a lona a kganathetse madi, menwana ya lona e silafaditswe ke bokgopo. Le buile leshano ka melomo ya lona, maleme a lona a buile tse kgopo.


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


Ke a o rapela, monga ka, o se ke wa tsotella Nabale eno ya kgopo, hobane bitsolebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, mme le yena o kgopo. Empa nna, lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monga ka a neng a ba romme.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ