Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 18:5 - BIBELE

5 Ha ho molemo ho bontsha leeme ho ba kgopo, ebe o sitisa ya lokileng ho ahlolelwa ka toka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ha ho hotle ho emela tshobotsi ya moetsadibe, leha e le ho tswa ya lokileng nyeweng ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 18:5
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae.


O re: “Le tla ahlola ho fihlela neng, le ntse le ahlola hampe, le nne le emele ba kgopo?


“O se ke wa kgema le bongata ho etsa bokgopo; leha e le ho bea bopaki bo ka dumellanang le bongata nyeweng, e le ho sotha toka.


“O se ke wa sotha kahlolo nyeweng ya mofutsana wa heno.


Ya lokollang ya kgopo le ya ahlolang ya lokileng, bobedi ba bona ke manyala ho Morena.


Ke phoso ho ahlola motho a se na molato, kapa ho otlela mahosana ho loka ha wona.


Tsena ke polelo tse ding hape tsa ba bohlale: Ho ahlola ka leeme ha ho a loka.


Ho ahlola ka leeme hase ntho e ntle, empa motho a ka nna etsa sebe, hore a fumane sengwathwana.


esere ha di nwele, molao tsa o lebala, bafumanehi ba ahlolelwa ka leeme.


ba lokollang ya molato ka baka la tjotjo, ya se nang molato yena ba mo hlokele toka.


Kahoo toka e tjhetjhiswa kasanthao, ho loka ho emeletse hole le rona; diterateng nnete ha e sa le yo, botshepehi le bona ha bo sa fumanwa.


“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.


Lona baetapele ba ntlo ya Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Tsohle tse lokileng le a di nyedisa, tsohle tse nepahetseng le di sokamise.


Ka matsoho a bona ba ithutile ho etsa bokgopo, ba bile ba bo etsa ba kgothetse; mmusi o batla hore a ntshetswe dimpho, moahlodi yena o amohela tjotjo; ba matla ba laela hore ho phethwe ditakatso, takatso tsa bona tse kgopo, ba loha mano jwalo ba le hammoho.


Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.


Le se ke le sotha kahlolo; le se ke la ba leeme; le se ke la amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e sotha dipolelo tsa ba lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ